Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.
Luka 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona. BIBELE Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.” Baasraak Sotho NT A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A mo laela hore a se ke a bolella motho, a mpe a ye, o ipontshe ho moprista, mme o nyehele tlhwekiso ya hao, kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona. |
Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.
mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.
Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.
Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.
A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.
Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.