Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:2
23 Referencias Cruzadas  

Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.


Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera.


O tla tliswa ho moprista; moprista o tla tswela kantle ho diahelo, mme moprista o tla mo tadimisisa. Ha a bona hoba molepera o fodile bohlokong ba hae,


monga ntlo o tla tla ho moprista ho mo tsebisa ka ho re: Ke lemohile ho kang letheba ka tlung ya ka.


le diso, le makgopho, le matheba,


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Tjhe, a se ke a ba jwaloka lesea le hlahileng le kgathetse, leo nama ya lona nqe nngwe e seng e bodile ha le etswa popelong ya mma lona.


Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.


Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.


A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos