Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:3
29 Referencias Cruzadas  

A nna a tsamaya, a qaqoma borwa, a ba a fihla pela Bethele, hona moo tente ya hae e neng e eme teng pele, pakeng tsa Bethele le Ai,


Pelo ya hao e kula hakaakang! ho rialo Morena Jehova, haele mona o entse tseo kaofela, ka mokgwa wa seotswa se hlaha,


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.


hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;


Moprista o tla mo tadimisisa. Ha kokobalo e tshweu e le teng letlalong, e sweufaditseng mohwete, mme hodima kokobalo eo ho bonahala nama e petohileng,


Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.


Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.


Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.


Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera.


O tla tadimisisa letheba; ha a bona hoba le hlahisitse dikotjana maboteng a ntlo tse phobetsehileng leboteng, tse mmala o motalana, kapa o mofubetswana,


Ke wona oo molao o beetsweng mefuta yohle ya lepera, le setshwa,


le diso, le makgopho, le matheba,


Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, botsa hle baprista hodima molao, o re:


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.


Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos