Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:4
14 Referencias Cruzadas  

Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.


ke lepera le meletseng letlalong la mmele wa hae; moprista o tla mmolela hore o sesila; a ke ke a mo kwalla tlung, hobane o se a le sesila.


Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.


Empa moprista ha a bona hoba mohwete ha o a ka wa fetoha wa eba mosweu lethebeng, mme le sa ka la phobela ho feta letlalo, le hoba le boetse bosweung, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.


Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.


Ekare ha moprista a tadimisisa bohloko ba setshwa, mme ha a lemoha hoba ha ho sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa mohwete o motsho o le siyo teng, moprista o tla kwalla motho eo ya jewang ke setshwa ka matsatsi a supileng.


Ka letsatsi la bosupa, moprista o tla se tadimisisa, mme ha a bona hobane bohloko bo ntse bo le jwalo, bo sa ka ba keka letlalong, moprista o tla boela a mo kwalle tlung la bobedi, ka matsatsi a supileng;


Moprista o tla tadimisisa letheba leo, a kwalle ka matsatsi a supileng seo letheba le leng ho sona.


moprista o tla tswa tlung eo; etlare ha a le monyako wa ntlo, a o kwale ka matsatsi a supileng.


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Yaba Miriame o kwallwa kantle ho diahelo matsatsi a supileng; mme setjhaba ha se a ka sa tloha, Miriame a eso ho boele teng.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


o tla batla o batlisise, o botsisise haholo. Ha o fumana hobane ke nnete le taba e tiileng, le hobane ho entswe manyala a kalo haeno,


Dibe tsa batho ba bang di ye di bonahale pele, di ba etelle pele kahlolong, empa tsa ba bang tsona di ba latele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos