Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:4 - BIBELE

4 Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:4
14 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.


eba ke lefu la lepera le sa foleng, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ha a ka ke a mo kwalla, hobane o se a ntse a le sesila.


moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera.


Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng lebading leo le benyang, kapa ha ho letlalo le phobetseng, feela lethopa le fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.


Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila.


Ha moprista a hlahloba lefu lena la mmokwana, mme ho bonahala hore letlalo ha le a phobela, ho se na le moriri o motsho, moprista o tla etsa hore motho enwa ya tshwerweng ke lefu la mmokwana a dule a le mong ka matsatsi a supileng.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng.


Moprista o tla hlahloba lefu lena, mme phahlo e nang le lefu lena e tla tloswa ho tse ding ka matsatsi a supileng.


moprista o tla tswa ka tlung eo, mme a e kwale ka matsatsi a supileng.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”


Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


wena o batlisise taba ena ka hloko. Haeba e le nnete, mme taba eo e tiile ya hore manyala a jwalo a entswe hara lona,


Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho ya kahlolong; athe tsa ba bang di hlahela hamorao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos