Luka 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho. BIBELE Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba. Baasraak Sotho NT A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho. |
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.
A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, mme ke sa fodisa batho kajeno le hosasane; mme ka la boraro ke ya phetheha.
Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;