Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:9 - BIBELE

9 Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:9
13 Referencias Cruzadas  

Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle, se nketse sesomo ho dithoto.


O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua.


Ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a a ka a araba letho.


Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho, hoo Pilato a bileng a makala.


A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’


Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla.


A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.


Temana ya Mangolo eo a neng a e bala e ne e le ena: “O ila iswa moo a ilo hlabelwa teng, mme jwaloka konyana e kgutsitseng, e kgutsitseng pela mokuti wa yona, le yena ha ho letho leo a ila le bua.


Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos