Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.
Luka 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng. BIBELE hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.” Baasraak Sotho NT Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa se lahlehileng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa se lahlehileng. |
Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.
Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.
Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.
Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane?
Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.
Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.
Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.