Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane Mora motho o tlile ho pholosa ho timetseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:11
12 Referencias Cruzadas  

le mpe le ye dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.


Ana taba ena e jwang ho lona? Ha motho a ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ho tsona ha e lahlehile, ha ke re, o tla tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong dithabeng, a ye ho batla e lahlehileng na?


Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.


Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.


Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.


Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.


Hobane Mora motho o tlile, e seng ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Ba ntoo fetela motsaneng o mong.


Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.


Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe.


Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos