Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Kapa mosadi ke ofe ya nang le didrakema tse leshome, ha a lahlehetswe ke e nngwe ya tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Empa ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tse leshome, mme ekare ha a lahlehetswe ke e nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tjheseho, a be a e fumane?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tse leshome, mme ekare ha a lahlehetswe ke e nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tjheseho, a be a e fumane?

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:8
9 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.


Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona.


Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.


e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.


Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.


Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos