La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.

Ver Capítulo

BIBELE

a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A mmea matsoho; mme a phakisa a otloloha, a tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A mmea matsoho; mme a phakisa a otloloha, a tlotlisa Modimo.

Ver Capítulo



Luka 13:13
13 Referencias Cruzadas  

Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.


A sitwa ho etsa mohlolo moo, haese wa ho fodisa ba kulang ba se ba kae, ka ho ba bea matsoho hodimo.


A ba a boela a bea matsoho a hae mahlong a sona; jwale sa bona ruri, se fodile, sa bona dintho tsohle hantle.


Yare ha Jesu a mmona, a mmiletsa ho yena, a re: Mosadi, o lokolotswe lefung la hao!


Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.


Letsatsi ha le dikela, bohle ba nang le ba jewang ke malwetse a mefuta, ba ba tlisa ho yena; a bea matsoho a hae hodima e mong le e mong, a ba fodisa.


Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.