Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:8
22 Referencias Cruzadas  

Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?


Yaba bongata boo bo a makala, ha bo bona dimumu di bua, le dihole di ena le mmele o motle, le dihlotsa di tsamaya, le difofu di bona, mme ba rorisa Modimo wa Iseraele.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e molemo, mme ba rorise Ntata lona ya mahodimong.


Yaba o a ema, a ikela tlung ya hae.


A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!


Batho ba tsota ka ho fetisisa, ba re: O entse tsohle hantle; o utlwisa ba sa utlweng, o buisa le ba sa bueng.


A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.


E mong wa bona, eitse ha a fihlela hobane o fodile, a kgutla le mehlala ya hae, a ntse a rorisa Modimo ka lentswe le leholo;


Ha ba ka ba boya, ba tle ba tlotlise Modimo, haese motho enwa wa mofuta osele?


Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.


Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng.


Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.


Yare ha ba utlwa taba tseo, ba lesa ho belaela; mme ba tlotlisa Modimo ka ho re: Efela Modimo o neile le baditjhaba pako, hore ba bone bophelo.


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.


Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.


Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos