Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 A mo rapela haholo, a re: “Moralinyana wa ka o haufi le ho shwa. mme o tla phela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 A mo rapela haholo, a re: “Moralinyana wa ka o haufi le ho shwa mme o tla phela.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:23
26 Referencias Cruzadas  

Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona;


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Yaba Jesu o ya le yena, mme bongata bo boholo ba mo latela, mme ba ne ba mo hatella.


Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.


Mme ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng, ya semumu, mme ba rapela Jesu hore a mmee letsoho hodimo.


A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse, a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodimo, a ntoo se botsa hore na se bonang.


A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.


Yaba o tswa sinagogeng, a kena tlung ya Simone. Mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke febere e kgolo; ba mo rapella ho yena.


Letsatsi ha le dikela, bohle ba nang le ba jewang ke malwetse a mefuta, ba ba tlisa ho yena; a bea matsoho a hae hodima e mong le e mong, a ba fodisa.


Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.


Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula.


Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.


Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.


Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.


mme o bone, ka pono ya mohlolo, monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho, hore a boele a bone.


Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos