Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme bonang, ga tla mongwe wa balaodi ba senagoge, leina la gagwe e le Jairo; mme ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme bonang, ga tla mongwe wa balaodi ba senagoge, leina la gagwe e le Jairo; mme ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:22
14 Referencias Cruzadas  

Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Yaba mosadi o tshwarwa ke tshabo, a thothomela, ka ho tseba ho entsweng mmeleng wa hae; a tla, a kgumamela Jesu, mme a mmolella nnete yohle.


Ha a fihla tlung ya mmusi wa sinagoge, a fihlela moferefere, le ba llang, le ba bokollang haholo.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos