Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:22 - BIBELE

22 E mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, ya bitswang Jairuse, a fihla, mme ha a mmona a itihela maotong a hae,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme bonang, ga tla mongwe wa balaodi ba senagoge, leina la gagwe e le Jairo; mme ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme bonang, ga tla mongwe wa balaodi ba senagoge, leina la gagwe e le Jairo; mme ha a mmona, a itihela maotong a hae;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:22
14 Referencias Cruzadas  

Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.


Ba fihla tlung ya mookamedi wa ntlo ya thapelo, mme a fumana ho le lerata, batho ba lla, ba bokolla haholo.


Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


Jwale bohle ba tshwara Sosethenese, mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba mo teteka kapela lekgotla, empa Galeo a se ke a tsotella letho la ditaba tsena.


Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.


Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos