La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae,

Ver Capítulo

BIBELE

Yare ha Sakariya a ntse a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka nako e beetsweng sehlopha sa hae,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha a ntse a etsa mosebetsi wa boprista pela Modimo ka taelo ya sehlopha sa hae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha a ntse a etsa mosebetsi wa boprista pela Modimo ka taelo ya sehlopha sa hae.

Ver Capítulo



Luka 1:8
16 Referencias Cruzadas  

Ke lona lenaneo la bona tshebetsong ya bona la ho tla ka tlung ya Jehova ka taelo e neng e bewe ke Aarone ntata bona, kamoo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a mo laetse kateng.


Haele Nadabe le Abihu, bona ba ne ba shwe, ntata bona a sa le teng, ba se na bara; ka baka leo, Eleasare le Ithamare ba tshwara mosebetsi wa boprista.


Balevi ba fela ba tlohela meraka ya bona le maruo a bona, ba tla Juda le Jerusalema kahobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba furaletse, ba tle ba se ke ba phetha mosebetsi wa baprista ba Jehova;


Bakeng sa bana ba Aarone, baprista, ba neng ba ahile naheng le mathokong a metse ya bona, motseng o mong le o mong, ho ne ho na le banna ba thontsweng ka mabitso a bona, ba tle ba abe diabo ho ba batona bohle ba baprista le ho Balevi bohle ba neng ba ngodilwe mangolong a masika.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


ke tla kgetha tente ya pokano le aletare, ke kgethe le Aarone le bara ba hae, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.


Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.