Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 28:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:1
33 Referencias Cruzadas  

Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.


Johanane a tswala Asaria, ya kileng a tshwara tshebetso ya boprista tempeleng e hahilweng Jerusalema ke Salomone;


mora Elkana, mora Jerohame, mora Eliele, mora Thowa,


Balevi ba fela ba tlohela meraka ya bona le maruo a bona, ba tla Juda le Jerusalema kahobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba furaletse, ba tle ba se ke ba phetha mosebetsi wa baprista ba Jehova;


Ntlo ya Aarone, o itshepele Jehova: Ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.


Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


ke tla kgetha tente ya pokano le aletare, ke kgethe le Aarone le bara ba hae, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;


le diaparo tsa ho etsa tshebeletso sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae, tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Nadabe le Abihu, bara ba Aarone, ba nka e mong le e mong pitsana ya ho tjhesa dibano, ba okga mollo ka tsona, ba ntoo di tshela ka dibano, mme ba hlahisa pela Jehova mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Ke yona tokelo ya Aarone, le ya bara ba hae, eo ba e neilweng ka ho tlotsuwa ha bona, mahlabelong a tjhesetswang Jehova, ho qala ka letsatsi leo ba hlahiswang ka lona hore ba sebetse mosebetsi wa Jehova wa boprista.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba bona, bana ba dikete tse mashome a supileng a metso e mene, tse nang le makgolo a tsheletseng.


Nadabe le Abihu ba eshwa, mohla ba tlisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova.


Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae,


[Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.


Hobane Jehova, Modimo wa hao o mo kgethile hara meloko ya hao yohle, hore a eme pela hae ho sebetsa ka lebitso la Jehova, e le yena le bara ba hae kamehla.


ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos