Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 “O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:30
11 Referencias Cruzadas  

Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.


O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


O di kgethe e be dintho tse kgethehileng haholo; tsohle tse tla di ama di tla kgetheha le tsona.


O bolelle bana ba Iseraele, o re:


o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.


Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.


Ke wona ao mabitso a bara ba Aarone, baprista ba tlotsitsweng, ba kgethetsweng mosebetsi wa boprista.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos