Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.
Luka 1:68 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse. BIBELE “Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla. Baasraak Sotho NT Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse; |
Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.
a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.
Hapehape ho itswe ke morena: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, hobane kajeno o nneile e mong, hore a dule teroneng ya ka, mahlo a ka a mmona!
a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:
Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!
Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.
Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho nka ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng! Mme setjhaba kaofela se ke se re: Amen! Bokang Jehova!
O rometse setjhaba sa hae poloko, o laetse selekane sa hae, e be se sa feleng. Lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.
Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho bo sa qaleng, ho isa ho bo sa feleng! Amen, e, amen!
Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.
ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.
Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile.
Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,
o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,
Ebile Davida o re ho Abigaile: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o romileng kajeno lena ho tla nkgahlanyetsa!