Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Hape a re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa Sema, Kanana e ke e be lekgoba la bona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:26
15 Referencias Cruzadas  

Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle.


a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?


empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


ho lehlohonolo setjhaba seo ho leng jwalo ho sona! Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona!


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.


Eitse hobane Baiseraele ba iphe matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba lelekela ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos