Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 A re: Ho rohakwe Kanana; e tla ba mohlanka wa bahlanka ba banababo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba o re: “Kanana a ke a rohakehe, e be lekgoba la makgoba ho bana babo.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:25
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova Modimo o re ho noha: Erekaha o entse hoo, o rohakilwe hara makgomo wohle, le hara diphoofolo tsohle tsa naha; o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Mme jwale o rohakilwe ke lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona ho metsa madi a ngwaneno letsohong la hao.


Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.


Bara ba Nowe ba tswileng arekeng ke Sema, le Kama, le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.


Kama, ntata Kanana, a bona bofeela ba ntatae, mme a ya bolella banababo ba babedi kantle.


Nowe ha a hlaphohelwa ke veine ya hae, a tseba seo mora hae e monyenyane a mo entseng sona.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe.


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.


Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos