o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”
Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”
Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”
le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!
Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.