Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:68 - Baasraak Sotho NT

68 Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

68 Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

68 “Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, a se lopolla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

68 Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:68
24 Referencias Cruzadas  

hore re tle re pholoswe ho dira tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng;


Ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena; mme ba ke ke ba siya lejwe hodima lejwe le leng ho wena; hobane ha o a ka wa tseba nako ya ketelo ya hao.


Le yena a tla ka yona nako eo, a boka Morena, mme a bua ka yena ho bohle ba lebeletseng topollo ya Jerusalema.


Empa rona re ne re tshepile hore ke yena ya neng a tla lopolla Iseraele;


Tšabo ya ba tshwara bohle, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; le ho re, Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a moya mahodimong ho Kreste.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos