O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.
Levitike 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe, BIBELE “Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang. |
O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.
O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;
Ha tliswa le diaparo tsa tshebetso tsa ho sebetsa sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.
Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.
Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;
Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.
A atametsa pheleu ya bobedi, pheleu ya peo; Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu eo.
le dipheleu tse pedi, le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, mme o biletse monyako wa tente ya pokano phutheho kaofela.
ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.