Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 le dipheleu tse pedi, le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, mme o biletse monyako wa tente ya pokano phutheho kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jwale o kgobokanye phutheho yohle monyakong wa Tente ya Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:3
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.


hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.


Phutheho yohle ya Juda, le baprista, le Balevi, ba thaba hammoho le phutheho yohle ya Baiseraele ba tlileng le baditjhaba ba tlileng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba ahile Juda.


Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.


Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e le ba neng ba memilwe ho tla ho yena, ba ema pela areka, ba hlaba dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa le ho balwa ka baka la bongata ba tsona.


Jwale setjhaba kaofela sa phuthehela lepatlelong le pela monyako wa Metsi, jwaloka hoja ke motho a le mong, sa bolella Esdrase, mongodi, hore a tlise buka ya molao wa Moshe, oo Jehova a o laetseng Iseraele.


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


Moprista ya etsang hlatsuo, o tla hlahisa motho ya itlhatswang le dintho tseo pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng, mme phutheho yohle ya phuthehela monyako wa tente ya pokano.


Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.


Ba tloha moo, ba ya Beere. Ke ka sediba seo Jehova a itseng ho Moshe: Bokella setjhaba, mme ke tla se fa metsi.


O tla atametsa Balevi pela tente ya pokano, mme o tla mema phutheho yohle ya bana ba Iseraele.


Letsatsi la Pentekonta ha le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos