Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng, mme phutheho yohle ya phuthehela monyako wa tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Moshe a etsa jwalokaha Morena a mo laetse. Ha phutheho yohle e se e bokane monyakong wa Tente ya Morena,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:4
19 Referencias Cruzadas  

Ka purepera, le sekarelata, le krimsone, ha etswa diaparo tsa tshebetso e phethwang sehalalelong; ha etswa diaparo tse kgethehileng tsa Aarone, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Mokgajwana wa hokelwa ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, o tle o eme hodima senyepa sa efoda, le hore makgajwana o se ke wa sutha efodeng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


ha bewa kolokonyana le garanata, hape kolokonyana le garanata, melekeng ya kobo ka nqa tsohle, tsa ho etsa tshebetso, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


le senyepa sa lene e ntle e lohilweng le purepera, le sekarelata, le krimsone, ka mokgwa wa mesebetsi e homilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Haele senyepa sa ho e tlama, se hodima efoda, se ne se etswa ho yona, e le mosebetsi o le mong le yona, e le sa kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


a bewa mabanteng a efoda, e le mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


A ntoo tjhesa kantle ho diahelo pohwana, le letlalo la yona, le nama ya yona le moswang wa yona jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Moshe a nka pheleung ya peo sefuba, a se tsokotsa pela Jehova; ya eba kabelo ya Moshe, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


le dipheleu tse pedi, le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, mme o biletse monyako wa tente ya pokano phutheho kaofela.


Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.


Yaba Moshe o re ho phutheho: Ke sena seo Jehova a laetseng ho se etsa.


A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Hobane nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu, ka bosiu boo a ekilweng ka bona, o ne a nke bohobe;


Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos