Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 39:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ha tliswa le diaparo tsa tshebetso tsa ho sebetsa sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Ba tlisa diaparo tse lohilweng, tsa ho sebeletsa Sehalalelong, e leng diaparo tse halalelang tsa moprista Arone; le diaparo tsa bara ba hae ha ba sebeletsa e le baprista.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:41
7 Referencias Cruzadas  

O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.


Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.


O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;


le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;


Ka purepera, le sekarelata, le krimsone, ha etswa diaparo tsa tshebetso e phethwang sehalalelong; ha etswa diaparo tse kgethehileng tsa Aarone, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


le masela a lepeletseng a lebala, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa lona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala, le mehala ya lona, le dithakgisa tsa lona, le mesebetsi yohle ya tshebetso ya tabernakele, le ya tente ya pokano.


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos