Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.
Levitike 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova. BIBELE Phofo ya nyehelo e setseng ke ya Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, ya Morena. |
Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.
Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.
Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.
A re ho nna: Ke ena nqalo moo baprista ba tla pheha nama ya mahlabelo a molato le a sebe; ba tla pheha dinyehelo, ba se ke ba di isa kantle lebaleng le kantle, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka tsona.
Kantle ho mahlabelo a tjheswang a mafura, ba tla tlisa letsoho le emiswang le sefuba se tsokotswang, di tle di hlahiswe ka tsokotso pela Jehova; e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao, ka taelo ya kamehla, kamoo Jehova a laetseng kateng.
O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.
Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.
Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.
Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.
Setjheso se tla sala leifong la aletare ka bosiu bohle ho isa hosasa, mme mollo aletareng o nne o sohleletswe.
Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.
Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.
Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.
ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?