Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Konyana e tona o tla e hlabela Sehalalelong, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya tefelo ya sebe, le tsa nyehelo ya setjheso. Nyehelo ya tefelo ya sebe, jwaloka nyehelo e tlosang sebe, ke ya moprista, mme e halalela ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:13
13 Referencias Cruzadas  

o ntoo hlaba poho pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.


Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


Yaba o halefela Eleasare le Ithamare, bara ba Aarone ba pholohileng, a re: Ha le a ka la ja keng phooko ya sehlabelo sa sebe nqalong e halalelang? athe ke ntho e halalelang haholo; Jehova o le neile yona, hore le tle le tlose sebe sa phutheho, mme le e etsetse pheko ka yona pela Jehova.


Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.


O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos