Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.
Joshua 9:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho Joshua: Re bahlanka ba hao. Joshua a re ho bona: Le bomang? Le tswa kae? BIBELE Ba araba Joshua, ba re: “Re bahlanka ba hao.” Joshua a ba botsa hape, a re: “Le bo-mang? Hona le tswa kae?” |
Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.
mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse.
Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.
Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale.
Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.
O ka bona jwale, re matsohong a hao; etsa ka rona ka mohau le ka ho loka, kamoo o lekanyang kateng.
Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.