Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:27
9 Referencias Cruzadas  

rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.


Lefohlong la bahlabani ba ileng ntweng, o nkele Jehova lekgetho; o nke e nngwe hodima tse makgolo a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwaneng.


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


Hodima halofo eo ya dintho tse neilweng bana ba Iseraele, Moshe a nka e nngwe hodima tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le diphoofolong; mme ka taelo eo a e neilweng ke Jehova, Moshe a di nea Balevi, e leng balebedi ba tabernakele ya Modimo.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


Dihlooho tsa eketsa tsa re ho bona: Ba ke ba pholohe. Ba bewa ba rathang patsi le ba kgang metsi a phutheho yohle, jwalokaha dihlooho di ne di ba boleletse.


Yena a ba etsetsa jwalo, a ba namolela matsohong a bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ba bolaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos