Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O ka bona jwale, re matsohong a hao; etsa ka rona ka mohau le ka ho loka, kamoo o lekanyang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:25
12 Referencias Cruzadas  

Abrame a re ho Sarai: Bona, lekgabunyane la hao ke lena, le diatleng tsa hao, o le etse kamoo o ratang kateng. Yaba Sarai o a le hlorisa, la ba la mo balehela.


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Haele nna, bonang, ke matsohong a lona; etsang ka nna kamoo ho leng molemo kateng, le ka ho loka mahlong a lona.


Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.


E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Yena a ba etsetsa jwalo, a ba namolela matsohong a bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ba bolaya.


Bana ba Iseraele ba re ho Jehova: Re sitilwe; etsa ka rona kahohle kamoo o ratang kateng; feela, o re namolele kajeno.


A fihla ho batho ba Sukkothe, a re ho bona: Seba le Tsalmunna ke bana, bao le nkomantseng ka baka la bona, la re: Hleka diatla tsa Seba le tsa Tsalmunna di se di le letsohong la hao, ha o re, re nee banna ba hao ba kgathetseng bohobe na?


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos