La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

a phutheha hammoho, a eba ntswe le le leng ho ya lwantsha Joshua le Baiseraele.

Ver Capítulo

BIBELE

tsa ba ntsweleng, tsa ikopanya mmoho ho lwantsha Joshua le Baiseraele.

Ver Capítulo



Joshua 9:2
15 Referencias Cruzadas  

Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.


Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.


Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.


Ebile marena a mahlano a Baamore, morena wa Jerusalema, le morena wa Hebrone, le morena wa Jarmuthe, le morena wa Lakishe, le morena wa Eglone, a phutheha hammoho, a futuha, a ya ka makgotla wohle a wona, a emisa pela Gibeone, a mo lwantsha.


Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,


Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.


La tshela Jordane, la fihla Jeriko; beng ba Jeriko ba le lwantsha, ba ena le Baamore, le Baferese, le Bakanana, le Bagirgashe, le Baheve, le Bajebuse; ka mpa ka ba neela matsohong a lona.


Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.