Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha Jabine, kgosi ya Hasore, a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe, kgosi ya Madone, le ho kgosi ya Shimerone, le kgosi ya Akashafe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 11:1
19 Referencias Cruzadas  

Basiria, eitse ha ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba phutheha.


Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.


Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba boela diahelong tse Gilgale.


Mohlang oo, Joshua a kgutla, a kena Hatsore, a bolaya morena wa teng ka bohale ba lerumo; hobane pele, Hatsore e ne e le motse wa moreneng wa mebuso eo yohle.


e mong, ke morena wa Madone; e mong, ke morena wa Hatsore;


e mong, ke morena wa Shimrone-Merone; e mong, ke morena wa Aksafe;


Adama, Rama, Hatsore;


a phutheha hammoho, a eba ntswe le le leng ho ya lwantsha Joshua le Baiseraele.


Sisera a balehela ka maoto tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere, Mokene; hobane kgotso e ne e le teng mahareng a Jabine, morena wa Hatsore, le ntlo ya Hebere, Mokene.


Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.


Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos