A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Joshua 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba. BIBELE Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang. |
A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.
Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele.
A nka banna ba ka bang kete tse hlano, a ba bea mekghahlelo dipakeng tsa Bethele le Ai ka nqa bophirimela ho motse.
Etlare ha le kene motse, le tjhese motse. Etsang hoo ka taelo ya Jehova; bonang, ke le laetse.