le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.
A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.
Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.