Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:22
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Labane: Nnee mosadi wa ka, ke tle ke tle ho yena, hobane matsatsi a ka a phethahetse.


Yaba nyehelo e mo etella pele, mme yena a sala le thoto ka bosiu boo.


A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.


Yare ha a neela moya, a se a eshwa, a mo rea lebitso la Benoni (mora wa bohloko ba ka); empa ntatae a mo rea la Benjamine (mora wa le letona la ka).


Haele naha ya bana ba Ammone, ha o a ka wa e atamela, leha e le lebopo lohle la nokana ya Jabboke, le metse e thabeng, leha e le sebaka sefe le sefe seo Jehova, Modimo wa rona, a neng a re hanetse ho atamela pela sona.


Haele Barubene le Bagade, ka ba nea karolo e nngwe ya naha ya Gileade ho isa nokaneng ya Arnone (bohare ba noka ke moedi) le ho isa nokaneng ya Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ya hae, eo o latotse tumelo, mme o fetiswa ke ya sa dumelang.


Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos