Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:9 - BIBELE

9 Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:9
9 Referencias Cruzadas  

Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng.


ba tswang Bethele le Ai e le makgolo a mabedi le mashome a mabedi a metso e meraro;


ba tswang Bethele le ba tswang Ai e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e meraro;


Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.


Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele.


A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai.


Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”


E ne e le mpho ya ba Bethele, le ba ka borwa ho Ramote, le ba Jatire,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos