Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.
Joshua 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Akane o araba Joshua, a re: Efela ke sitetswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ka etsa ka hore le ka hore. BIBELE Akane a araba Joshua, a re: “Ruri ke sitetswe Morena Modimo wa Iseraele, mme ke entse tjena le tjena. |
Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.
O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka;
Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?
Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.
Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.
a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.
Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.
Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.
Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.
Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.