Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:21
35 Referencias Cruzadas  

Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng la Shineare.


Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.


Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.


bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata.


Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka tadima morwetsana!


O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.


O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma lefiswaneng, leha e theohela mmetsong hamonate.


Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.


Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;


Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Ebile Akane o araba Joshua, a re: Efela ke sitetswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ka etsa ka hore le ka hore.


Yaba Joshua o roma manqosa, a mathela tenteng ya hae, a fihlela di patilwe tenteng, silefera e le katlase.


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos