Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:30
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.


Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.


hobane ba ratile thoriso e tswang ho batho, ho fetisa thoriso e tswang ho Modimo.


Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?


ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.


Samuele a kgutla kahoo le Saule, mme Saule a kgumamela Jehova.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos