Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;
Joshua 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele. BIBELE Yaba o re ho setjhaba: “Tsamayang, le potolohe motse, bahlabani ba tsamaye kapele ho areka ya Morena.” |
Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;
Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.
Lona bahlabani bohle, potolohang motse, le pote motse hang; o etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.
Eitse hobane Joshua a bolelle setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng diterompeta tse supileng tse tlerolang pela Jehova, ba etella pele, ba letsa diterompeta, mme areka ya selekane sa Jehova ya ba latela.