Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Lona bahlabani bohle, potolohang motse, le pote motse hang; o etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Le potolohe motse ona le bahlabani bohle, le o potolohe hanngwe. Le etse jwalo ka matsatsi a tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:3
9 Referencias Cruzadas  

Katlasa lona, ho ne ho le ditshwantsho tsa dikgomo tse teetseng letsha kahohle hare, di etsa mela e mmedi ya dikgomo, di tsholotswe hammoho le letsha.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


Ebile areka ya Jehova e potoloha motse hang, mme ba boela diahelong, ba dula bosiu diahelong.


Ka tsatsi la bobedi, ba potoloha motse hang, ba ntoo boela diahelong. Ba nna ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Bona, ke neetse Jeriko matsohong a hao, le morena wa teng, le bahale ba teng.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


A ntoo re ho setjhaba: Eyang, le potolohe motse, mme ba hlometseng ba etelle areka ya Jehova pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos