Joshua 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko. BIBELE Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko. |
Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.
Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, mantsiboya, le tla ja bohobe bo se nang ditomoso, ho fihlela letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, mantsiboya.
E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.
Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.
Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.
Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.
Ka tsatsi le hlahlamang Paseka, ba eja koro ya lefatshe leo; ka lona tsatsi leo, ba eja bohobe bo sa lomoswang le diqhome.
Ba fihla ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: Re tswa naheng e hole; hlabang selekane le rona jwale.
Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.