Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Le tle le e je tjena: le itlamile matheka, le rwetse meqathatso, le tshwere melamu ya lona; le e je le potlakile. Ke yona Paseka ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:11
21 Referencias Cruzadas  

Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.


Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.


le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, kamoo a kileng a feta pela matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mme a sireletsa matlo a rona. Yaba setjaba se a inama, sa rapela.


Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.


Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.


Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, le tla ba le Paseka, mokete wa matsatsi a supileng; ho tla jewa mahobe a se nang ditomoso.


Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka nako ya mantsiboya, e tla ba Paseka ya Jehova.


Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.


Ka kgwedi ya pele ya selemo sa bobedi hobane Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova a bua le Moshe feelleng la Sinai, a re:


Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;


Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.


A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.


Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.


Elellwa kgwedi ya Abibe, mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, Paseka ka yona; hobane ke ka kgwedi ya Abibe, Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng naheng ya Egepeta bosiu.


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos