Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
Joshua 4:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane. BIBELE Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele. |
Ba ne ba tshele Jordane kgweding ya ho qala, mohla e kwahetseng mabopo a yona kaofela, mme ba leleka batho bohle ba dikgohlong ka nqa botjhabela le ka nqa bophirimela.
E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.
Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.
Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)
Setjhaba ha se qetile ho tshela, areka ya Jehova le yona ya tshela, le bona baprista ba tshela pela setjhaba.
Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.