Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:18 - BIBELE

18 Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:18
8 Referencias Cruzadas  

Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela.


Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”


Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”


Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa —


Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.


Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang ka nokeng ya Jorodane.”


Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos