Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.
setjhaba se ne se qhalana, se tle se e thonake; ba ne ba e sila ka malwala, kapa ba e tula ka boloko; ba ne ba e pheha dipitseng, kapa ba ne ba etsa dinkgwa ka yona; ka hanong e ne e utlwahala jwaloka senkgwa se dubilweng ka ole.
Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.
Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)
Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.
Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.