Joshua 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele. BIBELE Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng. |
Nakore a phela dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, a tswala Tera;
Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.
Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.
Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?
Empa eo o fumanang medimo ya hao ho yena, a se ke a phela! Pontsheng ya banababo rona, batla ntho ya hao ho nna, mme o e nke. Kanthe Jakobo ha a tsebe hobane Ragele o e utswitse.
Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.
Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.
Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.
Ere: Morena Jehova o re ho Jerusalema: O hlahile, mme o tswaletswe naheng ya Kanana; ntatao e ne e le Moamore, mmao e le Mohethe.
Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.