Joshua 24:2 - BIBELE2 Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele. Ver Capítulo |
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”